Leqonwana la papatso ya bolemirui ka thepa e nyane
LEFAPHA: TEMO
Kgetho ya diruuwa tse tlang ho rekiswa
Ha o hlophisetswa thekiso ya diruuwa tsa hao ipotse potso e latelang: ?Hobaneng ke batla ho rekisa diruuwa tsa ka ka nako ee mothating oo??
Lebaka la thekiso e ka ba mohlala:
Diphoofolo di loketse mmaraka mme di nontshitswe ka ho lekaneng bakeng la ho hlajwa.
Di dilemong tse lokileng ho ka rekwa ke morekisi wa mofepisi bakeng la dinontshetsa ho hlajwa.
Diphoofolo ha di kenye tjhelete haholoholo tse tshehadi tsa ho tswadiswa tse ileng tsa tsofala le ho hloka tlhahiso.
Ha ho na furu e lekaneng ho fepa diruuwa.
Kgetha diruuwa tsa ho tswadiswa tse tlang ho nka sebaka sa tse ding pele di hola kapa di bitsa tjhelete e ngata ho ka di ruwa.
Tlhophiso ho ya ka matshwao
Matshwao a tlhophiso a behwa ho ya ka boholo, monono, ho lokela, tshenyeho le bong. O ka lebella theko e ntle ya poofolo e leng maemo a matle a bophelo, haholoholo pakeng tsa ditekanyo tsa A le B, e seng tse otileng haholo kapa tse nonneng haholo le tse faotsweng. AB di na le theko e tlasenyana athe C ke e tlase ka ho fetisisa.
Ho lokela le dintlha ka maemo
Ho lokela ke mokgwa oo mmele wa phoofolo o shebahalang ka teng mme o hlalosa kamano pakeng tsa nama le lesapo. Dintlha tsa maemo di etswa ka ho akanya monono wa phoofolo.
Monono
Monono wa naka ya kgomo, ya konyana, nku le podi eihlophiswa ka dikhoutu ho tloha ho 0 ho ya ho 6.
Tekanyo e etswa ka ho sheba meno.
Tshenyeho
Tshenyeho ya mmele e hlahang mohlala ha ho tsamaiswa ka dipalangwa e hlophisitswe ka:
E nyane (mokgahlelo 1)
E bohareng (mokgahlelo 2)
E kgolo (mokgahlelo 3)
Bong
Bong ba phoofolo ke ba bohlokwa feela ho mebele ya pholo le pheleu ho dihlopheng tsa bolo ba AB, B le C.
Maemo a dintlha tsa dikgomo
Hlahlobo ya bokae ba mafura ka tlasa letlalo le sebakeng se pakeng sa qholo le kgopo ya ho qetela
Khoutu ya 1: Nonne haholo
Khoutu ya 2: Nonne
Khoutu ya 3: Bohareng
Khoutu ya 4: Tjhitja
Khoutu ya 5: Tjhatja haholo
Tekanyo: Tekanyetso ya dilemo tsa dikgomo ka ho di sheba menong.
Tekanyo A: ka tlase ho dilemo tse 2 (meno a bonamane)
Tekanyo AB: dilemo tse 2 ho ya ho 2 1/2 (meno a saruri kapele a 1 ho ya ho 2)
Tekanyo B: dilemo tse 2 ? ho ya ho 3 (tse bitswang tsa meno a 4 mme di na le a saruri a 3 ho ya ho 6 a kapele)
Tekanyo C: dilemo tse 4 (tse bitswang motlala lehano tse na le meno a kapele a fetang a 6 a saruri)
1. Tekanyo C: dilemo tse 4 (tse bitswang motlala lehano tse na le meno a kapele a fetang a 6 a saruri)
Tekanyo AB: dilemo tse 1 ho ya ho 1 ? (meno a saruri kapele a 1 ho ya ho 2)
Tekanyo ya B: dilemo tse 2 (tse bitswang tsa meno a 4)
Tekanyo ya B: dilemo tse 2 ? (tse bitswang tsa meno a 6)
Tekanyo ya C: tse meno a senyehileng le ho robeha a phoofolo e tsofetseng
